Menu Close

BONANG, KE MAHLOMOLA!

  1. Oho, mahloko a makaakang
    A kopanang le mahlomola!
    Ka nnete, ke lereko feela
    Teng sefapanong. (bis)
  2. Morena theoha hodimo,
    A fetoha motho lefatsheng,
    Ya eba hlabelo sa bohle,
    Teng sefapanong. (bis)
  3. Le mangeloi a inama
    A sheba tlase a maketse,
    A bona mohlolo moholo,
    Teng sefapanong. (bis)
  4. Tumelo re tla e thea kae?
    Le tshepo re tla e thea kae?
    Lerato re tla le thea kae?
    Teng sefapanong. (bis)
  5. Tsietsi di tla fela tsohle,
    Ho lefuwe melato yohle,
    Dibe di tla tshwarelwa tsohle,
    Teng sefapanong. (bis)

You cannot copy content of this page