- Mmoloki a tsholla madi,
Ho pholosa batho
Mme re hlatsuwa ka ona,
Re be re lokollwe. - Moo Kgolokgotha madi a hae
A hlatswa sesenyi;
Ka mokgwa o jwalo Jeso
O hlwekisa le nna. - Konyana e re hlabetsweng,
E, o tla lokolla
Batho ba ditjhaba tsohle,
Pusong ya Satane. - Re boka ka pelo yohle
Mmoloki wa rona,
Ha a ntse a lokisetsa
Rona lehodimong. - E, ke-a tseba, lehodimong,
Ke tla bona Jeso.
Moo o mpha tulo ya hlompho
Ya ka ho sa feleng.