Skip to content
TLONG LE BONE
- Tlong bohle, tlong le bone
Mahlomola a hae!
Morena wa bophelo,
O shwa sefapanong!
Ke mang ya tsebang ruri
Nnete ya morero
Ona wa lefu la hae,
Mora wa Modimo?
- Ke lentswe le leholo,
Ke le re imelang;
Le feta maikutlo
A bao ba le utlwang.
Bonang, Modimo Ntate
O re senolela
Boholo ba lerato
Ka lefu la Mora!
- Ha re bina re ka re:
Ho ka etsuwa jwang
Ha Mora wa Modimo
A re shwela jwalo?
Yena Jeso, ya bitswang
Morena bophelo
Ba tsohle, lehodimong
Le mona lefatsheng!
- Ka thato ya Modimo
Jeso a thakgiswa;
A utlwiswa bohloko
Ka ho fetisisa!
A shwela balahlehi
Le baetsadibe,
Ba tle ba sokolohe,
Ba pholoswe dibeng.
- Lerato la Modimo,
Jo, ke le le kaakang!
Re sitwa ho mminela
Thoko tse tshwanelang!
Re ka rapela feela:
O re nee mohau
Ho tiya le ho hlola,
Re phelele ona!
(