- Jeso o kgutletse (Ha hae lehodimong)
Dira o di hlotse,
O kene letlotlong;
Re kopaneng le ba kganyeng.
Ho tumisa Haleluya! - O butse monyako
O hanneng ho rona;
Bana ba poloko
Ba kena ka ona;
Re kopaneng le ba kganyeng
Ho tumisa Haleluya! - Dira tse mo hanang
O tla di fedisa,
Empa ba mo ratang
O tla ba phedisa;
Ba kopane le ba kganyeng
Ho tumisa Haleluya!