Skip to content
OHO, NKGOPOTSE MORENA
- Oho, nkgopotse Morena,
Ya tsebang tsohle ka ho nna,
Hore ke Jeso ya ahlolang,
Ke tle ke phethe tshwanelo,
Mosebetsing wa Modimo,
Le kahlolong ke tle ke fete,
Mme ha o boela o tla,
Ke tle ke boke Morena.
- Empa ke mang ya tla feta,
Ha ntho tsohle di ahlolwa
Ka lona tsatsi la kahlolo.
Yena ya tla ema ke mang
Kahlolong e halalelang?
Hoba moo ba ke ke ba ema
Baetsadibe, bakgopo,
Pela Jeso le kahlolo.
- Yena ya tsebang Mmoloki
Ha a tshabe Moahlodi,
Ya tlang ho Jeso ka tumelo.
Yena ya boelang a tla
Ho Mmoloki ho ineela;
Le ya ineetseng ka teboho,
Ke yena ya se nang tshabo
Pela Jeso le kahlolo.
- O ke ke wa thothomela
Kahlolong, ha o tsamaya
Leseding la Morena Jeso.
O tseba o hlwekisitswe,
Ka Jeso o pholositswe,
Le ha o tshwenngwa ke melato
Ha o na tshabo ya kotlo
Hoba dibe di tshwaretswe.