Menu Close

MOYA WA NTATE LE MORA.

  1. Moya wa Ntate le Mora
    O re bonesetsa tsela,
    Tseleng eo re e tsamayang;
    Motsamaisi wa nnete
    Yare abelang katleho,
    Re kgutlisetsa diteboho;
    Wena Mositsi wa rona,
    O ke o di amohele!
  2. A re bokeng rato la hae;
    O re beile leseding,
    A nyolohela lehodimong,
    A romela Moya wa hae
    Ho re ruta dintho tsohle;
    Ha re sa le lefatsheng lena
    Re newa matla a Moya,
    Re tlatswa ka kgalalelo.
  3. Le jwale thuto ya Jeso
    E tsejwa hohle lefatsheng
    Ke Bajote le baditjhaba;
    Esita le bahetene
    Ba furalla le ditshwantsho,
    Ba kgumamela wena feela.
    Borena ba hao bo jwalo,
    Bo hlahisitswe ke nnete.
  4. Re tjhabisetse letsatsi
    Leo ka lona bahetene,
    Ditjhaba di tla o rapela.
    Tlo, kena Moya wa nnete,
    O kene ho bona bohle,
    O pake boholo ba Jeso;
    Thuto ya hae ya lerato,
    E qhalane le lefatshe.