Skip to content
BONANG HO HLAHILE MARUNG
- Bonang, ho hlahile marung
Ya shwetseng batho kgale;
O tla kgutla lehodimong
Ho phutha batho bohle.
Haleluya!
Dumelang Haleluya!
- Bahlabanedi ba Jeso
Ba bapile le yena;
Mahlo a bona ke metsu,
Ba lwanela Morena.
Haleluya!
Dumelang Haleluya!
- Mafatshe a thothomela,
Mafika a petsoha,
Le dinaledi tsa wela,
Letsatsi la fifala.
Haleluya!
Dumelang Haleluya!
- Utlwang, ho hlajwa mokgosi
Wa ho tsosa ba shweleng;
Ba mengwa ke Moahlodi,
Ba tswa bohle mabitleng.
Haleluya!
Dumelang Haleluya!
- Itumeleng, bana ba me,
Lona bohle ba nthatang;
Siyang mobu, le phahame,
Tlong ho nna, atamelang!
Haleluya!
Dumelang Haleluya!