Menu Close

NTATAISE

  1. Ntataise, hoba ke a fokola,
    Mehato ya ka ke ya lesea.
    Ntataise, ha o le teng Morena,
    Bobe ha bo ka ke ba ntsietsa.
  2. Ntataise, ntlise haufi le wena,
    Haufi le wena, Tshabelo sa ka!
    Ha nka kgotjwa, se ntlohele Morena:
    Se kgobohelwe ke ho wa ha ka!
  3. Ntataise, tsela e a nyolosa.
    A sedi le ntjhabele ka mehla!
    E ba dithoriso di a nyoloha
    Ha nka tadima kganya ya lona.
  4. Ntataise, ke be ke qete tsela;
    Ke be ke yo tshela noka e ntsho.
    Moya wa ka o tla rorisa wena
    Hoba tsoho la hao le nkisa hae.