Skip to content
DUDUETSANG TJHABA TSOHLE
- Duduetsang, tjhaba tsohle!
Tumisang hosanna!
Lefatshe le dumaele
Thoko tsa Morena! (bis)
- Mo tumiseng ka nyakallo,
Ho thabe dipelo!
Bokang Mora wa Modimo,
Bokang Mora motho. (bis)
- Bitso la hae le ratehang
Ke lee le kgabileng!
Ke ya matla, ya tlotlehang,
Ke Rabosafeleng. (bis)
- Ditjhabatjhabana tsohle,
Dipuo, mefuta,
Di tla be di mo dumele,
Di mamele yena. (bis)
- Mmuso wa hae o tla hola,
O tlale lefatshe;
O tla hloleha ka mehla
O le mong, o notshi. (bis)
- O tla rena ka ho loka,
Dintwa di tla fela;
Mme hohle ho tla iketlwa,
E be kgotso feela.