Skip to content
JWALO KA KGAMA YA NAHA
- Jwalo ka kgama ya naha
E tsetselela metsi,
E sa kgahlwe ke makgulo,
Lenyora le e kgama;
Ho dutse jwalo le nna,
Ke nyoretswe Morena:
Ke re, ke tla fihla neneng
Tlong ya hao, ke o rapele?
- Moya wa ka, o swabetseng?
Ka ho nna o tshoswa keng?
Tshepo e o tlohetse keng?
Modimo o-a o bona!
O tshepe ya o ratang,
Ya tshedisang bao ba llang;
Le jwale o sa tla mmoka
Eo o reng o sa mo hloka.
- Oho, Modimo, moya ka
O hlorehile ho nna;
Merwallo ya hao kaofela,
Maqhubu a hao ohle.
A feta hodima ka.
Le ha ho ka ba jwalo
Ke tla rapela Jehofa
Ya ntshitsang ka mohau wa hae.
- Meso e tla o hlahela
O ntse o na le yena;
Letsatsi ha le dikela,
O lebohe ka pina.
O tla re ho Modimo,
Lefika le molemo:
O ne o ka ntebala jwang
Matsohong a ba ntlhorisang?