- Modimo o re file lentswe
 La ona e leng nnete.
 Ka lona ho senohile
 Tumelo le dinnete.
 Lentswe le re thabisang,
 Keng e tla re swabisang?
 Ka lona mmuso o fentse,
 Modimo o fanne ka lentswe.
- Ho tla suthisa dithaba,
 Mafika a fediswe.
 Ho tla feta le ditjhaba,
 Tsena tsohle di-a shwa,
 Modimo ha o fete.
 Selekane, tshepahalo
 Tsa ona di phethahetse,
 Mme di ke ke tsa fetolwa!
- ltshetleheng ka Jehofa,
 Mme le se ke la swaba!
 O tla phetha selekane,
 Mme bohle ba tla thaba.
 ltshepeleng Modimo
 Dikotsing tse tshabehang!
 Ipheng matla! Betang pelo!
 Modimo ke setshabelo.