Skip to content
HA KE NA LETHO
- Ha ke na letho, nna ke moditjhaba,
Haeso ke hole, ha ho tjee ka mona,
Ke moromuwa, ke wa Jehofa,
Ke mona ka Lentswe la hae.
Lehlaso
Ke tlisitse Lentswe la hae,
Ha le a tla ka mangeloi.
Sokolohang le tle ho Jehofa.
Le kgutlele ho Modimo!
- Molao ohle, o ho batho bohle
Ba tlohetseng bobe le tse ba faposang;
Ruri, ke bona, ke ba Jehofa!
Ke lona he Lentswe la hae.
- Dijo tsa mahlo ha se tsa haeso.
Bophelo ba mehla bo sa ntse bo le teng.
Le batho ba teng, ba ho Jehofa:
Ke ka ona mantswe a hae.