Skip to content
TABA E MOLEMO
- Taba e molemo
E thabisang pelo
Ke Efankgedi!
Lentswe la bophelo
Re nehetswe lona
Ke yena Mmopi.
Ya kgomarelang wena,
Ya o lebellang ka tshepo,
O lehlohonolo!
- Ka maqosa kgotso
Re bitsetswa neo
Tse halalelang!
Re bone tshwarelo
Le bona bophelo
Ka madi a hae.
Hodima tsena tsohle
O re ekeletsa kgotso
E se nang phetoho!
- Ya tswaletsweng dibeng,
Melatong ha kaalo!
Ya lahlehileng,
Tlo le pelaelo,
Tlo ka boinyatso,
Tlo ho Mothusi!
Jeso Keresete o-a phela!
Ka baka la maqeba hae
Re bona topollo!
- Re thea motheong
O sa sisinyeheng
Wa Efankgedi!
Thaba di ka sutha,
Le sitwa ho fela
Ntswe la Modimo.
Ntate se re amohe
Tshediso e tswang ho lona
Ka ho se dumele!