Menu Close

UTLWANG LENTSWE LA MODIMO

  1. Utlwang lentswe la Modimo,
    Lentswe la bophelo.
    Dibe tsohle le ditlolo,
    Di tsejwa ka lona.
  2. Lentswe le ntse le qhalanngwa
    Mafatsheng a hole.
    Bohle ba lebella mantswe
    A Modimo hohle.
  3. Dira di-a hlolwa ka lona,
    Lentswe la Modimo.
    Ho tla ba jwalo, utlwang hle,
    Fatshe le hodimo!
  4. Dithaba le nahathote
    Di thabela lona.
    Ditjhaba di-a kgalemelwa,
    Di ntse di le utlwa.
  5. Dintwa, mona, le bohale,
    Tsona di fediswe.
    Kgotso, thabo le sebete,
    Di rutwa ka lentswe.