- Lentswe la hao Morena,
Ke sejo se monate;
Le matlafatsa moya
Bofokoding ba ona.
Lehlaso:
Ke rata lona feela
Ho hodiswa ke lona;
Ke lona le ntshedisang,
Ke lona le mphedisang. - Lentswe la hao Morena,
Ke sejo se tshwanelang
Bana ba banyenyane
Ho ba hodisa moyeng. - Lentswe la hao Morena,
Ke lesedi ka mehla;
Ha ke na ho lahleha
Ha le ka ntsamaisa. - Lentswe la hao Morena,
Ke lerumo le hlabang;
Le nkgalemela pelong
Ha ke kgeloha tsela.