1 Jeso, Monga rona,
Ako be le rona,
Ntswe la hao re le utlwile (bis)
Ka dipelo tsohle.
- Ako be le rona,
Re le utlwisise,
Tsosa dipelo tsa rona, (bis)
Di le ratisise! - Kgale ba bangata
Ba dutse lefifing;
Lesedi la hao la fihla (bis)
Mme la ba kgantshetsa. - Kajeno Morena,
Ba a o rorisa
Ba neng ba o furaletse, (bis)
Ba a o rorisa. - Empa ba bangata
Ba sa le tshenyehong;
Ba ke ba sokollwe bohle, (bis)
Ba tle ba pholoswe! - Jeso, Monga rona,
Ako be le rona,
O bonese ka ho rona (bis)
Ka ho loka ha hao!