Menu Close

LENTSWE LA HAO KE LEBONE

  1. Lentswe la hao ke lebone
    Le letle, le benyang;
    Ha lefifi le thibane,
    Ke sedi le kganyang.

    Lehlaso:
    Ke letlotlo le le kaakang,
    Ke le thabetse!
    Ke monono o fetisang
    Ntho tsohle tse ding.
  2. Ke le mponesetsang tsela,
    Le nthutang tshwanelo;
    Le nkgannang ha ke kgeloha,
    Le ntjesang letswalo.
  3. Ha ke sa ntse ke hlahlatha,
    Ntate, o kgutsitse.
    Ke mang ya neng a ka nthusa?
    Ke se ke tsietswe.
  4. Oho, Ntate, tlosa lera
    Le mphifatsang mahlo,
    Ke tsebe ho le latela
    Sedi le mohlolo!