- Moruo wa lehodimo
O beetswe bana
Ba hlahiswang ho Modimo,
Ba tshwaelwa ona. - Ngwana enwa wa Atama
O tswaletswe dibeng;
Jeso, o tle ho mo ama,
Mo hlatswe sedibeng! - Sediba ke madi a hao,
A lefang melato
Ya bohle ba tlotseng melao
Ya Mmopi wa batho. - Nea ngwana eo matsatsi
Le lehlohonolo;
Mo hlekele mona fatshe
Tsela e bonolo! - Nea ngwana eo temoho,
Etlere h’a hotse,
A dumele ka teboho
Hoba o mo thotse! - O ngole lebitso la hae
Bukeng ya bophelo;
Mohla a shwang a kene hae,
A pheme timelo!