Bonang, ho hlahile marung
Ya shwetseng bathol kgale,
O tla kgutla lehodimong
Ho phutha batho bohle
Halleluya! Halleluya!
Dumelang Halleluya!
Bahlabanedi ba Jesu
Ba bapile le yena,
Mahlo a bona le metsu,
Ba lwanela Morena
Halleluya! Halleluya!
Dumelang Halleluya!
Mafatshe a thothomela,
Mafika a petsoha,
Le dinaledi tsa wela,
Letsatsi la fifala
Halleluya! Halleluya!
Dumelang Halleluya!
Utlwang, ho hlajwa Mokgosi
Wa ho tsosa ba shweleng,
Ba mengwa ke Moahlodi
Ba tswa bohle mabitleng
Halleluya! Halleluya!
Dumelang Halleluya!
Itumeleng, bana bame,
Lona bohle ba nthatang,
Siyang mobu, le phahame,
TIong ho nna, atameleng!
Halleluya! Halleluya!
Dumelang Halleluya!