Menu Close

Letsatsi la hao Morena

Letsatsi la hao, Morena,
Le ntse le atamela;
Le leholo, le a tshabeha,
Le ho tla nka borena.
O itse, o tla lekisa
Shodu la bosiu;
Ke yona nako ya hao ya ho tla,
E sa tsejweng ke motho.

Lehlaso:
Raohang, bakreste, le lebelle Morena;
Matheka a lona a tlangwe,
Mabone ona a tuke, a kganya;
Le emise dihloko tsa lona,
Le lelalle hodimo, hodimo.
Topollo ya lona ke ena:
Nyakallang, lebohang!
E phethehile ntwa ya lona.
Halleluya!

Ikgetheng ho ba ditshila,
Le tswang ka hara bona;
Baballang aparo ts lona,
Di hloke le letheba.
Tshabang, esere mohlomong
Tsatsi la tlokotsi
La le wela le sa le borokong,
Dibe di le imetse.

Rapelang, le fadimehe,
Bosiu, motshehare!
Morena o tla hlaha marung,
Ho lata ba dumetseng,
Le ho ahlola lefatshe,
Le bodibe bohle.
Balopollwa bohle ba tla thaba,
Ha ba bona Morena!