Se mphete, wena ratehang,
Mmoloki wa ka;
Ha o ntse o utlwa ba bang,
O nkutlwe le nna!
Lehlaso:
Jesu, Jesu, ke a o rapela,
Ha o ntse o sitsa ba bang,
Se mphete le nna.
Ke ka ho hlomoha pelo
Ke tlang ho wena;
Ha o hauhela batho,
Nkgauhele le nna.
Na ke ne ke tla tshepa mang,
Ha e se wena?
Ha o ntso fodisa ba bang,
Mphodise le nna.
Ha ke na se o kgahlisang,
Ke mofutsana;
Mme ha o sa kgese ba bang,
Se nkgese le nna.
Jesu, na nka pheella mang,
Ha e se wena?
A lerato le lekaakang:
O ntjhwetse le nna!