Thabang, le nyakalle, ba lehodimo,
Le thabele baetsadibe;
Ke ba tswang lefifing, ba tswa timelong;
Ba thabeleng, ba phonyohile!
Lehlaso:
Bokang, le rorise Modimo,
Bokang le lerato la Jesu;
Tumiseng ka pina tsa kgalalelo
Mohlolo ona wa mohau.
Thabang, le nyakalle, ba lehodimong,
Baphaphathehi ba kgutlile;
Ba tla ba fokotse, ba tla ka dihlong,
Le teng, thabang, ha ba fihlile.
Thabang, le nyakalle, ba lehodimong,
Ho fentse lerato la Jesu;
Baikgohomosi ba tlile kgotsong,
Ba mo ananetse ka pelo.
E, pela Modimo, thabo e kaakang!
Badibe ba tliswa ke Jesu;
Ba nkilwe ke Ntate ya ba ratang,
Le bona ba bone mohau.