Ke se ke utlwile
Jesu, ha o mpitsa
O mpona ke lahlehile
o re, wa mpholosa
E,ke dumetse
Nthole, Morena
Nhlatswe, nhlakodisise
ke be motle le’na
Ke tla ka ditshila
ke moetsa dibe
ke tla ke le feela-feela
Oho nkgauhele
E,ke dumetse
Nthole, Morena
Nhlatswe, nhlakodisise
ke be motle le’na
Nkapese ka matla
Wena ka sebele
Ntlholele sebe ka mehla
O nketse mohale
E,ke dumetse
Nthole, Morena
Nhlatswe, nhlakodisise
ke be motle le’na
Wena ya mpitsitseng
nthwese tumelo
lerato le phetehileng
le kgotso le thabo
E,ke dumetse
Nthole, Morena
Nhlatswe, nhlakodisise
ke be motle le’na
O nhlwekise pelo
o muse le kutlo
tsohle tse ho’na tsa botho
Di kganye ka hlweko