Menu Close

Bonang ke mahlomola

Oho, mahloko a makaakang
A kopaneng le Mahlomola!
Ka nnete, ke lereko feela
Teng Sefapanong.

Morena a theoha hodimo,
A fetoha motho lefatsheng,
Ya eba hlabelo sa bohle,
Teng Sefapanong.

Le Mangeloi a inama
A sheba tlase a maketse,
A bona mohlolo moholo,
Teng Sefapanong.

Tumelo re tla e thea kae?
Le tshepo re tla e thea kae?
Lerato re tla le thea kae?
Teng sefaponong.

Tsietsi di tla fela tsohle,
Ho lefuwe melato yohle,
Dibe di tla tshwarelwa tsohle,
Teng Sefapanong.