Ka dillo le ditlamo tsa ka,
Ke ntse ke tla ho Morena.
Ke ntse ke tla thabong le kgotsong,
Nyakallong hodimo.
Bohlokong ba ka, matshwenyehong
Ke ntse ke tla ho Morena ka.
Ka melato le dibe tsa ka,
Oho, Jesu, ke a tla!
Bobeng ba ka, bokgopong ba ka,
Ke ntse ke tla ho Morena.
Ke ntse ke boela sefapanong.
Morena ka, Jesu!
Ka dillo tsa ka, ka maswabi,
Ke ntse ke tla thabong le kgotsong.
Kebina sefela se setjha,
He ke tla ho wena!
Boikgohomosong, bowatleng,
Ke ntse ke tla, Morena ka,
Ke tle ke phomole lefikeng,
Ho Jesu, Morena!
Ke rata, ho dula ho wena,
Ke be ke fumana moqhaka!
Ke habeletse lehodimo
Ke a tla, Morena!