Menu Close

Ka hlahlathela feelleng

 

Ka hlahlathela feelleng halelele,
Ke se na Modimo, ke se na tshepo;
Ho le lefifi, nyora le nkgamile,
Ke tsietswe, ke shwele ke sekoboto.

Lehlaso:
Jwaaale, ke bone sediba sa nnete,
Sediba se maphodi, se monate.

Hara dikaka tsa dibataolo
Ka nna ka tjheka, ka hlora hakaa-kang!
Ke batla metsi, empa ho se letho.
Jo, ke lehlabathe feela le monyelang!

Makgatheng a ho shwa, ka utlwa lentswe,
Le re: Wena ya nyorilweng, tlo metsing!
Ha ke tadima, ka bona morwerwe:
Ke Jesu! A mpitsa a eme Sedibeng.

Ahe, ke a o boka, Jesu wa ka,
Ke le madibeng a mahlohonolo;
Ke hlapholohile, ke tsoha molota;
Kajeno ke ruile Kgotso, nyakallo!