Na nka kgahlanyetsa Jesu
Ka matsoho a feela?
Ha ho letsatsi le le leng
Leo ke mo neileng lona.
Lehlaso:
Na nka kgahlanyetsa Jesu
Ka matsoho a feela?
Ha ho leha e le moya
Oo ke o kentseng tseleng!
Ha ke atamela lefu,
Ha ho tshabo – o wa ka!
Empa ho ya ka matsoho
A feela, ho a ntshwabisa.
Dilemo tse senyehileng,
Ha nka di pheta hape,
Nka re ka mmela le pelo,
Ke tla phelela wena!
Fadimehang badumedi!
Ha tsatsi le sa le teng.
Phallelang baetsadibe,
Siu bo eso fihle!