Lentswe la hao ke lebone
Le letle, le benyang;
Ha lefifi le thibane,
Ke sedi le kganyang.
Lehlaso:
Ke letlotlo le lekakaang,
Ke le thabetse!
Ke monono o fetisang
Ntho tsohle tse ding.
Ke le mponesetsang tsela,
Le nthutang tshwarelo;
Le nkgannang ha ke kgeloha,
Le ntjhesang letswalo.
Ha ke sa ntse ke hlahlatha,
Ntate, o kgutsitse.
Ke mang ya neng a ka nthusa?
Ke se ke tsietswe.
Oho, Ntate, tlosa lera
Le mphifatsang mahlo,
Ke tsebe ho le latela
Sedi le mohlolo!