Menu Close

Re bahloki ba kgathetse

 

Re bahloki ba kgathetseng:
O re utlwele bohloko,
O re hlohonolofatse,
Re tle re o kgumamele!

Lehlaso:
A re yeng, a re yeng
Hlohonolofatsong ya Jesu!
A re bineng, re mo rapele,
A re sitse ka Kgotso!

Etong la rona thata
Le atetsweng ke mathata,
Re kgomarele Modimo:
Re tla hlohonolofala.

Lefatsheng moo re phelang teng
Ha ho na motse o tiileng.
Motse wa nnete kanana
O lehaeng lehodimong.

Kanana wa lehodimo
Ho kena badumedi teng,
Ba furaletseng lefatshe
Le dibe tsohle tsa lona.

Modimo re fe tumelo,
O re nee le lerato,
Kamehla le mehla yohle,
Ha le tjhaba, le phirima!