Ho re tjhabetse Kajeno
Letsatsi le molemo;
Re ya kgethela Modimo
Ntlo ena ya thapelo.
Lehlaso:
Ho bokwe Modim’wa rona,
O ratang ho pholosa
Baetsadibe kaofela
Ka lentswe la ho phela!
Ntlo ena ke ya thapelo,
Le ya pina tsa moya;
Ke ya lentswe la bophelo,
Le roriseng Jehova.
A ho tle moetsadibe
Ya iponang bokgopo;
Ho kene le modumedi,
Ya fumaneng tshwarelo!
Ho kgothatse ya fokotseng,
Ho tshidiswe le ya llang;
Ho tsoswe ya tepeletseng,
Ho tiiswe ya tetemang!
Tshebetso e tla sebetswa
Tlung ena ka matsatsi,
E rorise Mong a meya,
E phethe thato ya hae!