Atamelang ho Jehova,
Le mmineleng Halleluya!
Naha tsohle, mo roriseng,
Mo rateng, mo sebeletsang.
Ruri ke yena Modimo
O moholo, o molemo,
O re entseng, o re disang,
Modimo o re pholosang.
Thabelang bohle Morena,
Mo leboheng, tshabang yena,
Itleleng moo a rapelwang,
Lona ba mo hlolohelwang!
Hobane ke ya lereko,
O re hlolela meleko,
Mosa wa hae o a tlotleha,
Nnete tsa hae di a hloleha.
Mahlohonolo a oona
A ka be hodima lona (wena)
Thuso, matla, le katleho,
Di be ho lona (wena) kamehla.