Moahlodi e moholo o tla fihla,
A teetswe hare ke ba lehodimo:
A tlilo ahlola baahi le fatsheng,
A tlilo kgetha nku tsa lesaka la hae.
Kahlolo! Kahlolo e tswang lehodimong!
Bonang Moahlodi o kaletse maru!
Re utlwa ho thwathwaretsa ha letolo,
Re bona ho thothomela ha dithaba.
O tlile! O tlile adutse teroneng!
Baetsadibe ba tla shwa ke letswalo,
Ba tla tshaba ho tadimana le yena.
Mahlo a hae a tshabeha, a bohale!
Di bulwe! Di bulwe, dibuka ke yena!
Di hlahe! Di hlahe, dibe tse mpe tse ntsho!
Mahlo a moahlodi a tla di bona,
Ntho tsohle tse patwang, ketso tsa lefifi!
Ba melato ba tla qala ho bokolla,
Ba re: Dithaba, maralla, re pupetseng!
Jo! Lentswe la Moahlodi ba le utlwa;
Tlohang ho nna, le ye mollong o sa feleng!
Timelong! Timelong ka seboko ba ya!
Jo! Baetsadibe ba hlomolang pelo!
Moputso wa phelo ba bona ke lefu,
Hobane ba ile ba furalla Jesu.
Moahlodi e moholo o tla fihla,
A teetswe hare ke makgotla a hae,
A tlilo ahlola bafu le ba phelang.
Jo! Re tla tsa jwang? O tlile! O tlile!