Duduetsang, tjhaba tsohle!
Tumisang hosanna!
Lefatshe le dumaele
Thoko tsa Morena!
Mo tumiseng ka nyakallo,
Ho thabe dipelo!
Bokang mora wa Modimo,
Bokang mora motho.
Bitso la hae le ratehang
Ke le le kgabileng!
Ke ya matla, ya tlotlehang,
Ke rabosafeleng.
Ditjhaba-tjhaba tsohle,
Dipuo, mefuta,
Di tla be di mo dumele,
Di mamele yena.
Mmuso wa hae o tla hola,
O tlale lefatshe;
O tla hloleha kamehla
O le mong, o nnotshi.
O tla rena ka ho loka,
Dintwa di tla fela;
Mme hohle ho tla iketlwa,
E be Kgotso feela.