Nyakallang, lona ba lefatshe!
Phokolang dipina jwale,
Le opele pina, teboho,
Ka thoko le pesaleme,
Holo ke bo se nang bokgutlo
Ba Modimo matla ohle;
Dira di boha matl’a ketso
Tsa oona, di thothomele.
Mebuso ya lefatshe lohle
E kgumamela Morena.
Le matjhaba mefuta yohle
A tlisa tlotla ho yena.
Tlong le bohe mehlolo ketsong
Tsa Modimo tse makatsang;
Kopang mohau lona bohle,
Matjhaba, le tle le phele.
O e betlile tsela hohle,
Hara mafeella le matsha,
A se tsamaisa setjhaba
Sa hae tseleng ka ho kgaba.
O busa hodimo kamehla,
Tlotla ya hae e lefathseng;
O lokela ditjhaba tsohle
Ho otla baetsadibe.
Tlong le mameleng he, bakreste!
Tlong lona ba mo rapelang!
Ke tla tsibisa le baheso
Se a nketseditseng sona:
Ke bitsitse, a arabela;
Ha ke ne le lefifing
Mme pele lesedi le tjhaba
Yena o ne a s’a tlile.
Ha ke ne ke hapehile nna,
Ke latela tse mpe tsohle,
Morena a thiba ditsebe
Tsa hae merapelong ya ka,
Empa yena mo-tseba-pelo
Tsa batho bohle a mpona,
Mahlomola a ka a tloswa
Ka mohau wa morena.