- Haleluya, mo roriseng
Ntate ke yena Mohlodi:
Mmopi wa dintho tsohle.
Rorisang mohau wa hae,
Le tsebe le matla a hae;
Mmokeng ditjhaba tsohle! - Haleluya bokang Mora
Ya theohileng hodimong,
Ho lopolla badibe.
A shwela baetsadibe,
Ba tloswe bomadimabe.
Mmokeng ditjhaba tsohle! - Haleluya, bokang Moya
O re abelang tumelo;
Ba latelang Morena
Ba tsamaiswa ke ona
Motshedisi ya hodimo.
Mmokeng ditjhaba tsohle! - Boraro bo kgethehileng
Re kopanya dithoriso,
Le tsa balehodimong
Morena ya Halalelang,
Re rorisa puso ya hao;
Re re: Ahe Morena!