Skip to content
NYAKALLANG LONA BA LEFATSHE!
- Nyakallang, lona ba lefatshe!
Phokolang dipina jwale,
Le opele pina, teboho,
Ka thoko le pesaleme;
Holo ke bo se nang bokgutlo
Ba Modimo matla ohle;
Dira di boha matl’a ketso
Tsa ona, di thothomele.
- Mebuso ya lefatshe lohle
E kgumamela Morena.
Le matjhaba mefuta yohle
A tlisa tlotla ho yena.
Tlong le bohe mehlolo ketsong
Tsa Modimo tse makatsang;
Kopang mohau lona bohle,
Matjhaba, le tle le phele.
- O e betlile tsela hohle,
Hara mafella le matsha,
A se tsamaisa setjhaba
Sa hae tseleng ka ho kgaba.
O busa hodimo ka mehla,
Tlotla ya hae e lefatsheng;
O lokela ditjhaba tsohle
Ho otla baetsadibe.
- Tlong le mameleng he, bakeresete!
Tlong lona ba mo rapelang!
Ke tla tsebisa le baheso
Seo a nketseditseng sona:
Ke bitsitse, a arabela;
Ha ke ne ke le lefifing
Mme pele lesedi le tjhaba
Yena o ne a s’a tlile.
- Ha ke ne ke hapehile nna,
Ke latela tse mpe tsohle,
Morena a thiba ditsebe
Tsa hae merapelong ya ka,
Empa yena motsebapelo
Tsa batho bohle a mpona,
Mahlomola a ka a tloswa
Ka mohau wa Morena.