Menu Close

LEFATSHE KE LA JEHOFA

  1. Lefatshe ke la Jehofa;
    Tsohle tseleng ho lona,
    Le ba ahileng ho lona:
    Le theilwe hodima
    Mawatle le ho bodiba,
    Ke mang ya ka nyolohelang,
    Ya ka dulang le Jehofa
    Thabeng ya Jehofa?
  2. Ke ya matsoho masweu
    Le pelo e hlwekileng,
    Ya sokang a etsa bobe,
    Le ya sa etseletseng
    O tla hlohonolofatswa;
    Le ho loka ha Modimo,
    Ke kabelo ya ba batlang
    Sefahleho sa hae.
  3. Iphahamiseng menyako;
    Menyako ya ka mehla
    Ho kene Morena kganya.
    Morena wa ka ke mang?
    Jehofa ya matla ohle,
    Ke Jehofa ya sa sitweng,
    Ke ya matla ohle dintweng,
    Yena Molwanedi.
  4. Iphahamiseng menyako;
    Menyako ya ka mehla
    Le phahamiseng dihlooho;
    Kena Morena wa ka.
    Ho kene Morena kganya.
    Morena wa kganya ke mang?
    Ke Jehofa wa makgotla,
    Ke yena Morena.