Menu Close

MOLEMO WA MODIMO

  1. Molemo o se nang moedi
    Wa Modimo, ha o rokwe
    Ka tshwanelo mona lefatsheng
    Ho ba re hloka teboho.
    Hlompho le thoriso le kganya,
    Tsohle di a o lokela.
    Moya wa ka se lebela yena
    Ya sa keng a o lebale.
  2. Mmele wa ka o boshwa ke mang
    Ka mokgwa o makatsehang?
    Ka letsatsi le leng le le leng
    Ke mang eo ya ntataisang?
    Ya ntjhafatsang ka matla moyeng,
    Ya ntlisetsang kgotso ke mang?
    Ya ntshitsang ka mahlohonolo
    Ke Modimo o lerato.
  3. Teboho e kgahlisang yena
    Ke ha ke le mophethehi.
    Ha nka e pheella ka mehla
    E be ke tshwana le yena.
    Ha o mmatlafatsa ka mohau
    E be ke boloka melao.
    Le ha ke ntse ke etsa bobe
    Tjhe, ha ke buswe ke bona.
  4. Paballo le melemo ya hao
    Di be pela ka ka mehla!
    Di tle di nne di mmatlafatse
    Ho ineela ka botlalo.
    Di ntsamaisa ka nyakallo,
    Di ntshedisa ditsietsing;
    Mohla ke hlahelwang ke lefu
    Di tla nthusa ho mamella.