Menu Close

Se mphete, uen’a ratehang

Se mphete, uen’a ratehang
‘Moloki oa ka
Ha u ntse u utloa ba bang
U nkutloe le’na
Jesu, Jesu, kea u rapela
Ha u ntse u sitsa ba bang
Se mphete le’na

Ke ka ho hlomoha pelo
Ke tlang ho uena
Ha u hauhela batho
Nkhauhele le’na
Jesu, Jesu, kea u rapela
Ha u ntse u sitsa ba bang
Se mphete le’na

Na ke ne ka tla tshepa mang
Ha e se uena
Ha u nts’u folisa ba bang
Mpholise le’ na
Jesu, Jesu, kea u rapela
Ha u ntse u sitsa ba bang
Se mphete le’na

Ha ke na se u khahlisang
Ke mofutsana
‘Me ha u sa khese ba bang
Se nkhese le ‘na
Jesu, Jesu, ke u rapela
Ha u ntse u sitsa ba bang
Se mphete le’na

Jesu, na nka phelela mang
Ha e se uena?
A lerato le lekaakang!
U nchuetse le’na
Jesu, Jesu, kea u rapela
Ha u ntse u sitsa ba bang
Se mphete le’na

Tsohle tsee ke li thabelang
Li tsoa ho uena
Ruri, ha o rata ba bang
Ua nthata le’na
Jesu, Jesu, kea ho rapela
Ha u ntse u sitsa ba bang
Se mphete le’na