- Tlong he batshepehi, le ntse le nyakalla,
Tlong jwale ho mmoha Betlelehema:
Bonang Lesea leo re le tswaletsweng.
Lehlaso
Kgumamelang Morena (bis)
Kgumamelang Morena, Mmoloki! - Morena wa kganya wa makgotlakgotla,
Modimo wa nnete wa ka mehla
O iphedisitse ka ho ba motho. - Rorisang Morena, mmokeng mangeloi!
Nyakallang, nyakallang balopollwa
Mo hlompheng lefatsheng le lehodimong. - Re hopola tswalo ya Mora Modimo,
Hlompho le tlotla e be tsa Jeso,
Lentswe la Modimo le entsweng nama.