Menu Close

MAMELANG MANTSWE A MATLE

  1. Mamelang mantswe a matle,
    A binwang ka sebakeng!
    Na ha se a mangeloi
    A ahileng kganyeng?
    A dumedisa ho tswalwa
    Ha Mmoloki wa batho;
    A bina dihaleluya,
    Dihaleluya feela!
  2. Kganya e be ho Modimo
    Mahodimong hodimo;
    Kgotso e be teng lefatsheng,
    Batho ba hauhelwe!
    Tsatsing lena le tswaletswe,
    Ka motseng wa Tafita.
    Mmoloki, Keresete Morena:
    Haleluya ka mehla!
  3. Tlong lona batho, phakisang!
    Tlong, le ithute pina,
    Le tle le e bine hantle,
    Ka nyakallo le thabo!
    Le tsebe taba e kgolo
    E leng ya tswalo ya hae,
    Le e phatlalatse hohle,
    Hara ditjaba tsohle!