- A re bineng kajeno
 Ka lentswe le ka pelo, (bis)
 Monga botle, Monga mosa,
 Ya bohlale, Ya matla (bis)
 Morena wa ka mehla;
 O tlile ho re pholosa.
- A hlaha Betlelehema,
 A tswallwa ka setaleng, (bis)
 Ho re ruta boitelo.
 Manqosa a Jehofa (bis)
 A phokola hosanna,
 A boka Mora Tafita.
- Ho roriswe Modimo,
 Morena lehodimo; (bis)
 Kgotso e be hara batho!
 Batho ba tshepe mosa; (bis)
 Jeso o a ba pholosa,
 Ba mo thabele ka pelo.