- O Keresete tlholohelo
 Ya bopuwa tsohle!
 Re ronwa ke ho roka
 Ho tla ha Morena.
 Tukisa tsatsing lena
 Dipelo ka moya;
 O tshollele le kganya
 Moketeng wa rona.
- Morena lehodimo
 Ya busang ka kganya,
 Ya tlileng fatsheng lena
 Jwalo ka ngwaneso,
 Ho lokolla badibe
 Ditlamong tsa lefu.
 Ke lokisetswe tulo
 Hara dirafime.
- O tlohetse tsa kganyeng,
 Sepheo ke sefe?
 A kgannwa ke lereko
 Bathong ba lefifing.
 Kgotso e be lefatsheng
 Ho bua mangeloi –
 Bao o kgahlwang ke bona
 Ba boha lesedi.
- Matla a bahanyetsi,
 Le ha a tshabeha,
 Re tshepile Mmoloki:
 O tla re lwanela.
 Ho tla ha hae ka maru
 Ho se ho le haufi;
 Ho tla bokella bohle
 Ba loketseng lefa.