- Bokang Jeso, ke Morena,
 Bitso la hae ka mehla
 Le ke le roriswe;
 Mo fapheng ka thoko tsohle –
 Lehlaso
 Mo roleleng thoriso yohle:
 Hlompho, tlotla, kganya,
 E be tsa hae tsohle!
- Mo fapheng le lona bohle
 Ba ntlo e kgethehileng
 Ya Iseraele.
 Mo fapheng ka tlotla tsohle –
- Ba ditjhaba ka mefuta,
 Mo opeleng mahofi,
 Morena e motle.
 Mo fapheng ka mehla yohle –
- Faphang Jeso ka dithoko!
 Mo tsheleng ka ditlatse
 Tsa tlotliso feela!
 Mo hodiseng, mo tumiseng –
- Ka bophara ba lefatshe,
 Re kgumameleng Jeso,
 Re rapele yena;
 Ka difela a hodiswe.