- Jeso o nketseditseng na?
O theohile hodimo,
A siya borena ba hae,
A itella phelo ba ka.
Lehlaso
Ke Jeso, ke yena Jeso,
Morena ya re ratang.
O mphile lefa hodimo,
Tulong e kganyang, hodimo. - A nketsetsang hape Jeso?
A nkinola hara dibe;
Empa moputso wa ketso
Ya hae, ya ba lefu la hae. - Jeso o hokae jwale na?
O nyolohetse hodimo;
O tla boela a etla
Ka borena bo boholo. - Ke reng jwale ka yena na?
O tla ntlhohonolofatsa!
Ke tla mmona ka sebele,
Kganyeng ke tla mo rorisa. - Lona le ka mo tseba jwang?
Fetohang le mo latele!
Ha a latole motho – Tjhe!
Potlakang le mo dumele.