- Sefapanong ke boha
Wena, Mmoloki wa ka;
Madi a tswang maqebeng,
Le metsi lehlakoreng,
Ka ona, ke re, ntlhatswe,
Ke be motle, ke loke. - Nka sebetsa jwang le jwang,
Ha ho letho le nthusang;
Kapa e leng dikgapha,
Mahloko, mahlomola;
Be se ke ke sa tloswa,
Ha e se k’wena feela. - Le ha nka tlisa kgauta
Tsa lefatshe kaofela,
Ha di na ho tadingwa,
Ha di na ho ntopolla.
Ke tla ke tshepa wena,
Ke se ke ka timela. - Ke se ke tla tsamaya
Eto la ho qetella;
Pela hao ha ke fihla,
O se ke wa nteleka!
Wena, lefika la ka,
Ke tshabetse ho wena.