Menu Close

A RE ETELENG BETLELEHEMA

  1. A re eteleng Betlelehema,
    Ho bona ngwana e motle
    Ya hlahileng bosiung bona,
    Hore ho thajwe ka hohle;
    Makgotla a diketekete
    A mo rorisa sebakeng.
    Tsatsi lena ke la mokete
    Tlong, lona bohle, a re yeng! (bis)
  2. Se mmatleng matlong a borena,
    Tjhe, ha se moo a tswaletsweng;
    Atamelang sejelo sena
    Moo mmae a mo beileng teng
    O hlahile ka bofutsana
    Le ka boikokobetso;
    Athe e le yena Morena,
    Ke yena Mora Modimo. (bis)
  3. Lebohang hle, bana baheso,
    Lesea le tlang ka mosa;
    Lebitso la lona ke Jeso,
    Le tlile ho re pholosa.
    Ke yena sedi la ditjhaba,
    Ke tshepo ya ba timetseng.
    Mo amoheleng ka ho thaba
    Ngwana eo ya le etetseng. (bis)