Menu Close

ATAMELANG HO JEHOFA

  1. Atamelang ho Jehofa,
    Le mmineleng Haleluya!
    Naha tsohle, mo roriseng,
    Mo rateng, mo sebeletseng.
  2. Ruri ke yena Modimo
    O moholo, o molemo,
    O re entseng, o re disang,
    Modimo o re pholosang.
  3. Thabelang bohle Morena,
    Mo leboheng, tshabang yena,
    Itleleng moo a rapelwang,
    Lona ba mo hlolohelwang.
  4. Hobane ke ya lereko,
    O re hlolela meleko,
    Mosa wa hae o a tlotleha,
    Nnete tsa hae di a hloleha.
  5. Mahlohonolo a ona
    A ka be hodima lona
    Thuso, matla, le katleho,
    Di be ho lona ka mehla.