Menu Close

BOHLE, BOKANG MODIMO

  1. Bohle bokang Modimo
    Hoba o molemo;
    Bolelang tsa poloko,
    Ba tswileng tahlehong.
    E, ka tokoloho
    Le lokisitswe hape
    Hore le lokollwe
    Moo le neng le hloriswa.
  2. O ba tsamaisitse,
    Tseleng e lokileng,
    Ho ba fihlisa motseng,
    Ba kena ka thabo
    Ka toka e kgolo;
    E, o ba hauhetse.
    Ba jele bohobe,
    Ba nyorolla ka metsi.
  3. Modimo o boloka
    Bohle ba nyatsehang,
    O atisa meloko
    Jwalo ka mehlape,
    Tjhaba sa Modimo;
    E, ruri se thabile;
    Bakgopo ba kgutsa
    Ha ba bona Modimo.

You cannot copy content of this page