Menu Close

BOHLE SEBELETSANG JEHOFA

  1. Batho bohle ba lefatshe
    Le sebeletseng Jehofa,
    Ka thabo le ka teboho
    Ka hara pelo tsa lona.
  2. Ke yena ya re bopileng,
    Ra ba ra ba bana ba hae,
    Ke modisa wa sebele
    Motshehare le bosiu.
  3. A re keneng re thabile
    Ka monyako wa Morena.
    Ka teboho le dithoko
    Le atameleng Morena.
  4. Le lebohe le sa phetse
    Hoba yena o mohau;
    O tletse le botshepehi
    Ho isa le ho sa feleng.